DITLETLEBO TSA KAKARETSO

DIPOTSO TSA HO ETSA KOPO TSA KADIMO YA CAPFIN

1. KE HLOKA ENG BAKENG SA HO ETSA KOPO YA KADIMO YA CAPFIN?

  • ID ya Afrika Borwa e molaong
  • Ditlankana tse 3 tsa moraorao tsa moputso kapa ditatemente tse tsa banka tsa moraorao
  • O lokela hore o be o ena le mosebetsi wa nako tsohle mme o fumana moputso wa kgwedi le kgwedi
  • Nomoro ya selefouno e molaong
  • Akhaonto e molaong ya banka ya Afrika Borwa
  • O lokela ho ba dilemo tse 18 kapa ho feta

2. KE HLOKA DITOKOMANE DIFE BAKENG SA HO ETSA KOPO YA KADIMO YA CAPFIN?

Bukana ya ID ya Afrika Borwa e sebetsang, le e nngwe ho ditlankana tsa moputso tse 3 tsa moraorao kapa ditatemente tse 3 tsa banka tsa moraorao.

3. NKA ETSA KOPO YA KADIMO YA CAPFIN HOKAE?

O ka nna wa etsa kopo ya kadimo ya Capfin inthaneteng, ka SMS kapa wa etela lebenkele lefe kapa lefe la PEP kapa Ackermans naheng ka bophara.

4. NKA ETSA KOPO YA KADIMO JWANG KE SEBEDISA WEBSAETE YA CAPFIN?

Kgetha feela konopo ya Etsa Kopo Jwale mme o latele ditaelo tse bobebe.

5. NA MOKGWATSAMAISO WA KOPO YA KADIMO E ETSWANG WEBSAETENG YA CAPFIN O SIRELETSEHILE?

Ee. O tla hloka ho bopa porofaele e ka fihlellwang feela ka ho sebedisa nomoro ya ID ya Afrika Borwa le Phini e Sebediswang Hang (OTP) e tlang ho romellwa nomorong ya selefouno eo o ingodisitseng ka yona.

6. KE IKETSEDITSE POROFAELE HO WEBSAETE YA CAPFIN. KE TLATSA JWANG KOPO YA KADIMO?

Seo o se hlokang feela ke ho loga o kene porofaeleng ya hao o sebedisa nomoro ya hao ya ID ya Afrika Borwa, re tla o romella Phini e Sebediswang Hang (OTP) e tlang ho romellwa ka kotloloho nomorong ya selefouno eo o ingodisitseng ka yona, mme ebe o latela ditaelo tseo.

7. KOPO YA KA YA KADIMO E HANNWE, KE LOKELA HO EMA NAKO E KAE PELE NKA LEKA HAPE HO ETSA KOPO YA KADIMO YA CAPFIN?

O ka nna wa etsa kopo hape bakeng sa kadimo ya Capfin kamora matsatsi a 30 a khalendara.

8. NKA BONA JWANG HORE KE LOKELWA KE HO ADIMA TJHELETE E KAE?

O tla lokisetswa kadimo eo o ka e fumantshwang mme hoo ho tla o bontsha hore o ka lokelwa ke ho adingwa bokae kamora hoba re qetile ho etsa tekanyetso ya rona ya bokgoni ba hao ba ho lefa sekoloto. Tjhelete ya kadimo e ka nna ya fetoha ho ya ka ditekolo tse tlang ho etswa tsa dikoloto tsa hao hang ha kopo ya hao e phethilwe mme e rometswe ho rona.

9. NKA ETSA KOPO YA BOKAE?

Re fana ka dikadimo tse fihlang ho R50 000, ho itshetlehile ka sephetho sa tekanyetso ya bokgoni ba hao ba ho lefa e shebisisang dintlha tse kang moputso wa hao le ditjeo tsa hao, porofaele ya hao ya dikoloto le boitshwaro ba hao ba ho lefa.

10. KE TLA EMA NAKO E KAE PELE KE FUMANA TJHELETE?

Kadimo ya hao e tla lefshwa dihoreng tse 48 tsa kgwebo kamora ho ananelwa akhaontong ya hao ya banka eo o e kgethileng.

11. NKA ROMELA DITOKOMANE TSA KA JWANG?

  • Aplouta ditokomane tsa hao hona mona, ka ho kgetha thebo ya ho aplouta e ho websaete.
  • Sekena ditokomane tsa hao lebenkeleng lefe kappa lefe la PEP kappa Ackerman naheng ka bophara.
  • Imeilela tokomane tsa hao ho: docs@capfinmail.co.za mmoho le nomoro ya hao ya ID ya Afrika Borwa moleng wa taba kamora ho etsa kopo.
  • Feksetsa ditokomane tsa hao ho 0866880000 mmoho le nomoro ya hao ya ID ya Afrika Borwa e ngotsweng jwaloka reference kamora ho etsa kopo.
  • Ka tumello ya hao, re ka nna ra thusa ho ntsha ditokomane tsa hao ntle le ditjeo tse ding ho wena haeba o banka le ABSA, Standard Bank kappa Nedbank.

DIPATLISISO TSA SELEFOUNO

12. HA KE A FUMANA PIN E SEBEDISWANG HANG (OTP) SELEFOUNONG YA KA. NA O KA MPOLELLA HORE PIN YA KA KE ENG?

Bakeng sa tshireletso ya hao, nomoro ya hao ya PIN ke ya sephere ka ho phethahala. Ka kopo tlelika ho "Resend OTP link" bakeng sa ho fumana Pin e Sebediswang Hang (OTP) metsotsong e 15, e tlang ho romelwa ka kotloloha nomorong ya selefouno eo o ingodisitseng ka yona.

13. KE BATLA HO FETOLA NOMORO YA KA YA SELEFOUNO.

Hore o tle o apdeite dintlha tsa hao , ka kopo ikopanye le e mong wa dikhonsaltente tsa rona hore a o thuse ho 087 354 0000.

14. HA KE NA SELEFOUNO YA KA MME HA KE KGONE HO LOGA HO KENA POROFAELENG YA KA E WEBSAETENG YA CAPFIN.

Pin e Sebediswang Hang (OTP) e ka romellwa feela ho nomoro ya selefouno eo o faneng ka yona ha o ne o ingodisa. Kopa Pin e SEbediswang Hang (OTP) mme o latele ditaelo tse bobebe.

DITEFELLO

15. NA HO SE LEFE HO TLA AMA REKOTO YA KA YA DIKOLOTO?

Ho se lefe ho tla ba le kamo e mpe ho rekoto ya hao ya dikoloto.

16. HA KE KGONE HO LEFA DITOLEMENTE TSA KA, NA NKA ETSA DITOKISETSO TSA HO LEFA KA TSELA E NNGWE?

Ee, ka kopo ikopanye le Lefapha la Dipokeletso la Capfin ho 087 285 1234 bakeng sa ho etsa ditokisetso tsa ho lefa ka tsela e nngwe.

17. NA NAKO YA KA YA HO LEFA E TLA BA KGUTSHWANE HAEBA NKA LEFA KA HODIMO HO SETOLEMENTE SA KA SA KGWEDI LE KGWEDI?

Ee, nako ya hao ya kadimo e ka fokotseha haeba o ka etsa ditefello tse ka hodimo, ho itshetlehile ka hore ke bokae le ho nako ya kadimo.

18. NA NKA FETOLA LETSATSI LA HO LEFA DEBITI OTARA JWANG KAPA DINTLHA TSA AKHAONTO YA BANKA?

O ka fetola letsatsi la tefello ya debiti otara kappa dintlha tsa akhaonto ya banka ka e nngwe ya ditsela tse tharo:
  • Loga o kene porofaeleng ya hao ya websaete, kgetha thebo ya leqephe ya "Your Active Loans", sekorola ho ya tlase mme o kgethe lehokela la fetola dintlha tsa tefello ya ka. Kgetha banka eo o e kgethileng mme o kenye nomoro ya akhaonto mme/kappa o kgethe letsatsi le letjha la tefello; kapa
  • Loga o kene porofaeleng ya hao ya websaeteng, kgetha thebo ya "My Details". Sekorola ho ya tlase leqepheng mme o tlanye ho kgetho ya dintlha tsa ho fetola tefello. Kgetha banka eo o e kgethileng mme o kenye nomoro ya akhaonto mme/kappa o kgethe letsatsi le letjha la tefello; kapa
  • O ka letsetsa setsi sa rona sa boikopanyo sa Capfin ho 087 354 0000 mme o kope ho apdeita dintlha tsa hao.
  • Ka kopo lemoha hore banka eo o e kgethileng e ka hloka hore o netefatse molaetsa wa Netefatso ya ho Lekola Debiti ha o kgetha ho fetola letsatsi la tefello ya debiti otara kapa dintlha tsa akhaonto ya banka.

DIPOTSO MABAPI LE HO LEFA SEKOLOTO SE SETSENG

19. NKA LEFA AKHAONTO YOHLE E SETSENG JWANG YA CAPFIN?

O ka nna wa letsetsa setsi sa rona sa boikopanyo sa Capfin ho 087 354 0000 kapa wa sebedisa tshebeletso ya USSD *134*6454# bakeng sa ho fumana khouto ya hao ya ho lefa sekoloto sohle se setseng. Jwale he o ka etsa tefo ka ho sebedisa dikgetho tse latelang pele ho feta letsatsi leo o le filweng;

  • Diphositi ka Kotloloho
  • EFT
  • Pay@ e fumanehang Lebenkeleng lefe kappa lefe la PEP

20. KHOUTO YA HO LEFA TJHELETE YOHLE E NKA NAKO E KAE PELE E FELLWA?

Khouto ya ho lefa tjhelete yohle eo o e fuwang ke Capfin e sebetsa ka matsatsi a supileng a kgwebo ho tloha letsatsig la kopo, mme balance ya tjhelete yohle e lokela ho lefswa ka botlalo pele ho nako eo.

21. HOBANENG HA KHOUTO YA HO LEFA TJHELETE YOHLE E FAPANE LE BALANSE YA KA?

Khouto ya hao ya ho lefa tjhelete yohle e kenyeletsa balance e sa lefshwang ya kadimo ya hao, seitana le ditswala tsohle tse sa lefshwang le ditefo tse bokeletsehang ho fihlela ka letsatsi la ho lefa tjhelete yohle tse ka bang di eso ho kenyeletswe akhaontong ya hao.

TSIANE YA LEFU YA MAHALA

22. TSIANE YA LEFU YA MAHALA KE ENG?

Tsiane ya Capfin ya Lefu ya Mahala ke tsiane ya ka hare e fuwang bareki ba Capfin ka tsela ya ho hlakola balance e setseng haeba ho ka etsahala hore moreki wa rona a hlokahale. Tsiane ena e keke ya fetisetswa ho motho e mong.

23. TSIANE YA MAHALA YA LEFU E KENYELETSA ENG?

Tsiane ya mahala ya Lefu e bolela hore ha ho ka etsahala hore o shwe, Capfin e tla hlakola balanse e setseng ya kadimo ya hao.

24. NA KE HLOKA HO LEFA BAKENG SA TSIANE YA MAHALA YA LEFU?

Tjhe, ha o hloke ho lefa kaha sena e le tsiane ya MAHALA bakeng sa bareki bohle ba Capfin.

25. NA KE TLA TSHWANELEHA BAKENG SA TSIANE YA MAHALA YA LEFU?

Ee, o a tshwaneleha ho sa kgathallehe hore o moreki ya motjha kappa eo e leng kgale a le Capfin.

26. SETHO SA LELAPA LA KA / MOTHO YA KGETHILWENG HO TSA MAFA O TLA TLELEIMA JWANG BAKENG SA TSIANE YA MAHALA YA LEFU?

Motho ya tleleimang tsiane lebitsong la mofu eo e neng e le moreki o tla hloka ho tlisa ditokomane tse latelang ka imeile ho info@capfin.co.za kapa legal@capfin.co.za:

  • Khopi ya ID ya mofu ya Nang le Akhaonto ya Capfin.
  • Khopi e hlakileng ya lengolo la lefu.
  • Khopi e hlakileng ya Masters Letters of Executorship (haeba e fumaneha).
  • Hang ha ditokomane di fumanwe, Capfin e tla netefatsa boemo ba mofu ka boyona.
  • Ka kopo lemoha hore dinako di ka angwa ke ditiehiso ka lebaka la seabo sa motho wa boraro.

27. KE BOKAE E HLAKOLWANG MMOHO LE TSIANE YA MAHALA YA LEFU?

Capfin e tla hlakola balance e setseng nakong eo ya akhaonto.

28. DITOKOMANE TSA KA DI KA FUMANEHA KA DIPUO DIFE TSE DING?

Ha o kopa o ka fumantshwa ditokomane tsa kadimo ya hao ka Afrikaans, Sesotho, isiZulu le isiXhosa. Dipehelo le maemo ka dipuo tsena le tsona di a fumaneha websaeteng ya rona.

29. NKA KOPA JWANG DITOKOMANE TSA KA TSA KADIMO KA PUO E NNGWE?

Ka ho letsetsa setsi sa rona sa boikopanyo ho 0873540000 kapa ho imeilela kopo ya hao lefapheng la rona la tsa molao ho legal@capfin.co.za:

INSHORENSE YA LEPATO

30. INSHORENSE YA LEPATO E SEBETSA JWANG?

Bakeng sa nako e pakeng tsa la 15 Loetse 2017 le la 06 Phupjane 2018, bareki ba Capfin ba entseng kopo ya kadimo, ba ile ba tshwaneleha bakeng sa Inshorense ya Lepato ya MAHALA ya boleng ba R5000 bakeng sa lefu la tlhaho le R10 000 bakeng sa lefu la kotsi. Inshorense ya Lepato, e kenyeletsa wena jwaloka monga akhaonto ya Capfin, haeba feela akhaonto ya hao ya kadimo e dula e sebetsa, e le boemong bo botle mme e ya ka dipehelo le maemo a Inshorense ya Lepato.

31. HOBANENG HA CAPFIN E SE E SA FANE KA INSHORENSE YA MAHALA YA LEPATO MMOHO LE DIHLAHISWA TSA YONA TSA KADIMO?

Inshorense ya Mahala ya Lepato ya Capfin e ngotsweng tlasa Abacus Life Limited, e ne e le sehlahiswa sa poromoushene mme jwale poromoushene ena e fedile haesale ho tloha ka 6 Phupjane 2018.

32. NA KE NTSE KE TLA BA LE INSHORENSE YA MAHALA YA LEPATO KADIMONG YA KA YA JWALE?

Tsiane ya hao ya Inshorense ya Lepato e tla dula e le jwalo ho fihlela nakong eo o qetang akhaonto ya hao ya kadimo, haeba o ka etsa kopo ya top-up ya kadimo, kapa haeba tleleime ya inshorense ya lepato e rometswe ho Abacus Life Limited.

33. O KA TLELEIMA JWANG INSHORENSE YA LEPATO KA ABACUS LIFE LIMITED?

Bakeng sa dikadimo tse fanweng nakong ya poromoushene e pakeng tsa la 15 Loetse 2017 le la 6 Phupjane 2018, mojalefa wa hao eo o mo kgethileng o lokela ho latela mekgwatsamaiso e latelang:

Ditleime di lokela ho romelwa ho Abacus Life ka ho letsetsa Setsi sa bona sa Tetsetso ho 0800 777 444 dikgweding tse 6 kamora lefu la monga akhaonto ya Capfin.

Ditleime di lokela ho felehetswa ke ditokomane tse latelang:

  • Khopi e molaong kapa e netefaditsweng ya lengolo la sethatho la lefu la monga akhaonto ya Capfin
  • Khopi e hlakileng e netefaditsweng ya tokomane ya boitsebiso ya monga akhaonto ya Capfin
  • Khopi e hlakileng e netefaditsweng ya tokomane ya boitsebiso ya mojalefa
  • Tlaleho ya sepolesa haeba lefu e le la kotsi
  • Khopi ya setatemente ya banka sa mojalefa bakeng sa tefello ya Tshireletso ya inshorense ya Lepato
  • Tokomane efe kapa efe e nngwe eo Abacus Life Limited e ka e kopang

34. KE MANG YA FUMANANG TEFO YA TSHIRELETSO YA INSHORENSE YA LEPATO?

Mojalefa ya kgethilweng o tla fumana tefello ya Inshorense ya Lepato feela ha ho ka shwa monga akhaonto ya Capfin, e tla laolwa ke tumello ya tleleime.

35. MOJALEFA KE ENG?

Moreki wa Capfin o tla kgetha motho (setho sa lelapa / motswalle) ho ba mojalefa ya hokahantsweng ho Inshorense ya hae ya Lepato. Motho enwa o fumana tefo ya Inshorense ya Lepato ebang ho ka shwa moreki wa Capfin hang ha ditokomane tsohle tse batlilweng di rometswe ho Abacus Life Limited ka nako hape ntle feela le haeba akhaonto ya kadimo ya Capfin e sebetsa mme e le boemong bo botle ka nako eo ha moreki a eshwa.

36. MOJALEFA WA KA O TLA EMA NAKO E KAE PELE A KA TLELEIMA?

Mojalefa ya kgethilweng ke moreki o na le dikgwedi tse 6 ho tloha letsatsing la lefu la monga akhaonto ya Capfin hore a romele tleleime. Kamora dikgwedi tse 6 Inshorense ya Lepato e keke ya hlola e fumaneha.

37. NA TSIANE YA KA YA HAJWALE E TLA FEDISWA HAEBA NKA FETOLA MOJALEFA WA KA?

Tjhe, o amohelehile hore o ka fetola dintlha tsa mojalefa ho ya ka dipehelo le maeo a Inshorense ya Lepato.

38. NA MOKONSALTENTE WA CAPFIN O KGONA HO LETSETSA ABACUS LEBITSONG LA KA MME A FETOLE DINTLHA TSA MOJALEFA?

Tjhe, wena jwaloka moreki wa Capfin o tla ba le boikarabelo ba ho fetola dintlha tsa mojalefa wa hao ka bowena. O tla kotjwa ho ikopanya le Abacus Life Limited ho 0800 777 444 bakeng sa ho etsa ditokisetso tse hlokehang.

39. NA HO IPOLAYA HO SIRELEDITSWE?

Tjhe, ho ipolaya ha ho a sireletswa.

40. BAKENG SA DITLETLEBO TSE IKGETHILENG TSA INSHORENSE YA LEPATO KA KOPO IKOPANYE?

Ikopanye le Abacus Life Limited ho 0800 777 444 kapa ka fekse ho 011 211 1090

41. NA NKA BOLOKA INSHORENSE YA LEPATO HAEBA KE E LEFELLA KA BONNA?

Tjhe, o ka etsa jwalo, le ha ho le jwalo, ikopanye le Abacus Life Limited ho 0800 777 444 mme o nke tsiane e ka thoko ya inshorense ya lepato e sa amaneng le akhaonto ya hao ya kadimo ya Capfin.