Consumer tips in Sesotho

Molao wa Naha wa Dikoloto 34 wa 2005 (“Molao”) o thehilwe “ho ka kgothaletsa le ho tswelletsa boitekanelo ba setjhabeng le moruong ba Maafrika Borwa, ho kgothaletsa mmaraka wa dikoloto le indasteri o hlokang leeme, o nang le ponaletso, phehisano, tswelletseho, bikarabello, tshebetso e baballang, e atlehileng le e fihlellehang, le o sireletsa Bareki.”

HO KADIMA TJHELETE

Capfin ke mofani wa mekitlane ya kodisitsweng ya tsitlallelang ho latela Molao le ho fana ka dikadimo ka tsela e nang le boikarabello ho bareki bohle ba yona ba teng le ba ka kgonahalang. Ka hona, ho dumella bareki bohle ba rona ho utlwisisa ka botlalo ditlhoko le dipehelo tsa kadimo pele ba ka etsa boitlamo bofe kapa bofe ba tsa ditjhelete. Maikutlo a thusang ke ho rala bajete e phethahetseng ho o thusa hore o tlwaele ditjeo tsa hao tsa kgwedi le kgwedi, ho laola ditjhelete tsa hao ka tsela e ntlafetseng le ho lefa bakolotuwa ba hao ka botlalo le ka nako. Moreki e mong le e mong wa rona o ikarabella bakeng sa tefo ka botlalo ya dikadimo tsa bona, ditefello tsa tlatsetso mmoho le ditefiso le tswala. Ke ka hona re tsebisang bareki bohle ba rona ho netefatsa hore ba ka kgona ditefello tsa kgwedi le kgwedi tse tla tsamaya le dikadimo ho latela tumellano ya kadimo ya Capfin.

MATHATA A DIKOLOTO

Haeba o ka iphumana o le boemong boo o sa kgoneng ho lefella boikarabello ba hao ba kgwedi le kgwedi ba tsa ditjhelete, re hlahisa hore o batle thuso hanghang. Se ka tlase mona ke dikgetho tse mmalwa tse fumanehang haeba o ka iphumana o le mathateng a tsa ditjhelete:

  1. Ikopanye le Capfin ka kotloloho ka ho romela lentswe lena “ASSIST” ka SMS ho 43679 mme re tla o letsetsa hore re kgone ho etsa tlhophiso e fapaneng le wena kapa haeba ho kgoneha, ho hlophisa botjha biotlamo ba hao ba ditefo ba hajwale ba kgwedi le kgwedi ba Capfin; kapa
  2. Ikopanye le moeletsi wa tsa dikoloto ya ngodisitsweng ho o thusa ka tlhophiso-botjha e ka nnang ya kgonahala ya sekoloto/boitlamo ba tsa ditjhelete ba hao ba kgwedi le kgwedi le ho o thusa ho etsa ditlhophiso le bakolotuwa ba hao, e lekanyeditsweng bokgoni ba hao ba ka nako eo ba tsa ditjhelete. Molao o hlophisetsa tshebetso ya tekolo ya sekoloto mme moeletsi wa dikoloto ya ngodisitsweng o tla o hlalosetsa mokgwatshebetso ona ka botlalo. O ka ikopanya le Molaodi wa Dikoloto wa Naha ho 0860 627 627 kapa etela webosaete ho www.ncr.org.za ho fumana moeletsi wa dikoloto setsing se haufi le wena; kapa
  3. Etsa kopo bakeng sa taelo ya tsamaisetso ya ditjhelete moo letlotlo la hao le tla behwa tlasa tsamaisetso ka mokgwa wa taelo ya lekgotla. Ka ho etsa sena o ke ke wa kgona ho fumana sekoloto sa letho se seng kapa mokitlane ntle le tumelo ya lekgotla, ka hona ho o dumella ho lefa bakolotuwa ba hao. Ho fumana tse ding mabapi le sena, ikopanye le Mokgatlo wa Boramolao wa Profensi ya heno kapa Mokgatlo wa Boramolao wa Afrika Borwa ho 012 366 8800 kapa lssa@lssa.org.za; kapa
  4. Nehelanaka letlotlo la hao bakeng sa ho phethiswa, e leng se tshwanang haholo le ha khampani e phethiswa empa boemong bona ke bakeng sa motho a le mong. Ka tlwaelo motshwaredi o tla thonngwa ho tsamaisa letlotlo la hao ho phethela dintlha le bakolotuwa ba hao, e leng se o thibelang hore o bokelle sekoloto se seng kapa ho hlekahlekwa ka kgato ya molao kgahlanong le wena. Leha ho le jwalo ditlamorao di na le ditlamorao tse kgolo mme di tlameha ho tshohlwa le moemedi wa molao ka botlalo pele kgetho e ka sekasekwa.

TLALEHO YA TSA MEKITLANE KE ENG?

Tlaleho ya tsa mekitlane ke tlaleho e fanwang ke biro ya mekitlane ho teka ditlameho tsohle tsa hao tsa tsa ditjhelete, ditaelo tsa lekgotla tse fanweng kgahlanong le wena le tlhahisoleseding e amang ditefello tse rometsweng ke bafani ba dikoloto ba bang ho dibiro tse tsa mekitlane. O na le tokelo ya ho kopa khopi ya mahala ya tlaleho ya mokitlane ya hao hang ka selemo ho tswa ho biro ya tsa mekitlane e ngodisitsweng ho netefatsa hore tlhahisoleseding yohle e tlalehong e nepahetse. Haeba o sa dumellane le tlhahisoleseding e fanweng tlalehong ya hao ya mekitlane, o tlameha ho hlahisa bothata bona ka kotloloho ho biro ya mekitlane e o fileng tlhahisoleseding ena.


  • XDS (Xpert Decision System)
  • T: 011 645 9100
  • I-imeyili ngu: data@xds.co.za
  • VeriCred Credit Bureau (Pty) Ltd
  • T: 086 604 1273
  • I-imeyili ngu: info@vccb.co.za


MOKGWATSHEBETSO WA DITLETLEBO

Haeba o iphumana o le boemong boo o batlang ho hlahlela tletlebo e mabapi le tshebeletso efe kapa efe ya CAPFIN, ikopanye le lefapha tshebeletso ya bareki ho 087 354 0000. Lefapha la tshebeletso ya bareki la CAPFIN le reretswe ka botlalo oh rarolla ditletlebo tsa hao le ho o thusa ka dipotso tsa hao tse amang kadimo kapele ka moo ho ka kgonehang. Haeba tletlebo ya hao e sa ntse e eso rarollwe ka tsela e o kgotsofatsang, o ka nna wa ikopanya le Monamodi wa tsa Mekitlane kapa Molaodi wa Naha wa Mekitlane ebe o latela mokgwatshebetso wa bona wa ditletlebo.


Mokhatlo: T: I-meyili: Iwebhusayithi:
I-Credit Ombud 0861 662 837 ombud@creditombud.org.za www.creditombud.org.za
I-National Credit Regulator 0860 627 627 / 011 554 2600 complaints@ncr.org.za www.ncr.org.za


HO PHETHELA

Nako efe kapa efe ha o kena tumellanong ya kadimo, kamehla o hloka ho fanka ka tlhahisoleseding ya nnete mme e nepahetseng ho mofani wa mokitlane mabapi le boitlamo ba hao ba hajwale ba tsa dikoloto.

Ho qoba hore ditefiso tsa tswala ya tlatsetso le ditefiso tsa molao tse kopanyeletswang sekolotong sa hao se saletseng, etsa bonnete ba hore o lefa diinstolemente tsohle tsa hao ka nako.

Ho bohlokwa hore o hopole hore kamehla ho na le tsela ya ho fumana thuso le kimollo ha o ikutlwa o imetswe ke sekoloto sa hao le boitlamo ba hao ba tsa dikoloto. Ka hona, re o kgothaletsa ho sebedisa tlhahisoleseding ena le ho ikopanya le mehlodi e thathamisitsweng ka hodimo mona bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng le thuso.

NA NKA FUMANA DITOKOMANE TSA KA TSA KADIMO KA SENYESEMANE FEELA?

Tjhe, ha o etsa kopo o ka fumana Ditokomane tsa Kadimo ka puo ya Afrikanse, Sesotho, Sezulu le Sexhosa. Ditlhoko le dipehelo ka dipuo tsena di fumaneha hape webosaeteng ya rona ho www.capfin.co.za

KE LOKELA HO KOPA DITOKOMANE TSA KA TSA KADIMO JWANG KA DIPUO TSA AFRIKANSE, SESOTHO, SEZULU KAPA SEXHOSA?

Ka ho letsetsa ho 087 354 0000 kapa ka ho romela imeile ho legal@capfin.co.za